MEETLO, BOTJHABA, BORAPEDI LE MOLAO WA TEKANO
Meetlo le borapedi ke karolo ya bong setjhabeng mme ke mekgwa e sebedisetswang ho hatella le ho ntshetsa pele nyenyefatso ya basadi.
Moetlo ke eng?
Moetlo o hlaloswa e le neheletsano ya dintlha tse itseng tsa botjhaba ke moloko o mong ho leba ho o mong, haholo ka mokgwa wa nehano ya taba e tlang ka moqoqo. Sena se hlalositswe e le:
Tsela ya monahano kapa ya boitshwaro e latelwang ke batho ho ya ho ile ho tloha molokong o mong ho fihlela ho moloko o mong, tlwaelo kapa tshebediso;
Pokeletso ya ditlwaelo tse jwalo le tshebediso ya tsona e nkwa e le dintho tse nang le tshwaetso tseleng ya bophelo ya hona jwale: ho latela mekgwa ya lelapa ya moaparo le tsela ya ho etsa dintho tse itseng ho latela moetlo.
Ke ka lebaka la moetlo hore ditlwaelo tse fapafapaneng tsa botjhaba di fetisetswang le ho latelwa ke meetlo e hlahlamang.
Tshwaetso tsa meetlo e kotsi bananeng kapa basading
Ha meetlo e mengata e kgothaletsa boipopo ba setjhaba le hore setjhaba se iketse kgokanyana-phiri, e meng yona e fedisa bophelo bo botle ba batho ho bona jwalo ka batho le ho phela ha bona hantle dikelellong tsa bona le tlhompho ya batho haholo banana le basadi ba nyediswang. Mabaka a nyehelang ho sena ke kgaello ya menyetla ya thuto, kgaello ya tsebo le ditshebeletso e dumellang meetlo e kotsi ho feta hore e tswele pele;
Meetlo e kotsi e fumaneha ka dibopeho tse fapafapaneng empa e tswa dikamanong tseo esale di bontsha ho se lekane ho tloha ho tloheng le dikamano tsa moruo dipakeng tsa banna le basadi. Ditlwaelo tse jwalo di bonwa di bopa karolo ya tsela ya botjha ya phedisano. Matsapa a ho lokisa le ho fedisa ditlwaelo tsena hangata a tadingwa ka pelaelo kapa lehloyo le tswang bathong ba ditjhaba tse sebedisang ditlwaelo tse jwalo haholo ha mekutu e jwalo e etswa ke batho ba tswang kantle ho batho ba setjhaba seo;
Meetlo e meng e kotsi e kenyeletsa dintho tse latelang: ho poma dikarolo tsa ditho tsa bosadi; lenyalo le tlang pele ho nako; tlhokeho ya ditokelo tsa thuo ya theepa, mafu a dihlabelo;
Meetlo e meng e sebediswang, e amang basadi, e kenyeletsa ho hlola banana ka ho tadima bosadi ba bona, bohadi, dimpho, ho nyala basadi ba bangata.
Bodumedi ke eng?
Bodumedi ke ntho e etswang ke batho moo ho hlwauwang le ho halaletsa ntho e itseng. Bodumedi bo hlaloswa e le ?tsela ya bodumedi le ya ditlwaelo tseo sehlopha sa batho se di sebedisetsang ho kenyakenyana le bothata ba pheletso ya bophelo ba motho. Bodumedi bo ka sebediswa jwalo ka letshwao le tlisang phapano ho dumella taba ya hore ho qhellwe batho ba bang ka thoko ho ba kgetholla le ho hlophisa batho ka dihlopha tse kolokiswang ho fihlela sehlohlolo se itseng.
Kamano dipakeng tsa bodumedi le bong (botona kapa botshehadi)
Boikarabelo ba mosadi setjhabeng bo susumetswa haholo ke boikarabelo ba mosadi ho latela tlhaloso tsa tjhadimo tsa bodumedi;
Tlhaloso ya bodumedi ka bomadimabe e matsohong a baemedi ba tsa bodumedi bao hangata e leng banna ka bangata;
Kabelo ya mekgatlo ya bodumedi setjhabeng sa rona ke yona eo esale e hahlametse haholo tjhadimo ya setjhaba se tlwaelehileng sa batho feela mabapi le tlhaloso ya boikarabelo bo fapaneng ba batho ba basadi le ba banna. Tjhadimo ya batho ba tlwaelehileng feela e sa ntsane e thuntheditswe ke seo ba se utlwang kgafetsa ditherong tsa dithapelo tseo baruti ba nehelanang ka tsona tseo ho tsona ba atisang ho seolla boikemelo ba mofuta ofe kapa ofe ba basadi le ho hlahella ha bona ka mokgwa ofe kapa ofe1;
Tlhophollo ya kamano ya bong le bodumedi ke ya bohlokwa haholo mme e tshwaneleha ka ho ikgetha ha ho lekolwa ka moo bodumedi le ditaba tsa bodumedi di sebedisitsweng ka teng ho kgetholla le ho beha ka mosing batho ba basadi. Ho phehilwe kgang e reng ?bodumedi ke sesosa sa ka nako e fetileng le sa hona jwale sa nyenyefatso ya basadi le ho ba beha ka mosing? haholo ka lebaka la boleng ba bodumedi le dipolelo tse bona tse hlokang kganyetso lepatlelong la bohle.
Moralo wa tshebetso wa Molao le leano
DISEBEDISWA TSA MATJHABA TSE KGOTHALETSANG DITOKELO TSA BASADI MABAPI LE TSHEKAMELO YA BONG BA BONA
Seboka sa Phediso ya Dibopeho tsohle tsa Kgethollo e Kgahlano le Basadi (CEDAW);
Seboka sa Bone sa Matjhaba a Kopaneng se Tsepamisitseng maikutlo Basading (Platfomo ya Tshebetso ya Beijing).
DISEBEDISWA TSA LEBATOWA TSE KGOTHALETSANG DITOKELO TSA BASADI MABAPI LE TSHEKAMELO YA BONG BA BONA
Tjhata ya Afrika (African Charter) mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho;
Prothokholo ya Tjhata ya Afrika (African Charter) mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho ditokelong tsa Basadi ho la Afrika
Kgweletso ya Ntshetsopele ya Setjhaba sa Afrika e ka Borwa (SADC) mabapi le Bong le Ntshetsopele ya 1997;
Kgweletso ya Seboka sa Botshelela sa Lebatowa la Afrika mabapi le Basadi ka 1999.
MOLAO WA AFRIKA BORWA LE DINYEWE TSA TSHEKAMELO YA BONG LE BONG
Molao wa motheo wa Molao wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 108 wa selemo sa 1996 (molao wa motheo);
Molao wa Ditokelo tsa Mobu o Kopanetsweng wa 2004;
Molao wa Tekano Mosebetsing wa 55 wa selemo sa 1998;
Molao wa Kgatello ya Boloyi.
